Description
SSO1505 Assignment 2 Semester 1 | Due April 2025. All questions are translated to English. Ka tekesing ho ne ho ena le batho ba ka bang robedi. Ba ne ba iqoqela ka tsena le tsane. Hara tse ding ba ne ba qoqa ka monna e mong ya ileng a hlaselwa ke sekebekwa a ithoballetse le mohatsae hoteleng. Ho utlwahala hore sekebekwa seo se ile sa kena ka botsweketsweke, sa ba ruhusulla diphateng, mme sa thunya monna. Ho utlwahala hore mosadi o ile a matha patlaka, a se na le sa nketlana thekeng, a ya batla thuso. Ha thuso e fihla, e fumane hwa ho tona ho rapalletse fatshe, le hona ho le feela. O ne a e na le leqeba la kulo sefubeng. Tjhoba le ne le letse phoka. Tekesi ya nna ya teana le dikoloi tsa mapolesa di jajametse, di eya hodimo le tlaase, ho bonahala hore ditaba di teng, tse kgolo le hona. Batho ba nna ba di supa, ba bolela ha di batlana le sona sekweta seo. Ba tla se tshwara, “ho realo ba bang ha di ntse di tshohlwa. Mmuso ha o tate, etswe letsoho la mmuso le lelelele. E qotsitswe ho tswa bukeng ya K.P.D. Maphalla, Botsa lebitla, 2008, Leq. 160-161 1.1 Bopa mabitso ka metso ena ya maetsi: 1.1.1 Qoqa (2) 1.1.2 Hlasela (2) 1.1.3 Tshwara (2) 1.1.4 Batla (2) 1.2 Ngola nyenyefatso ya mantswe ana a latelang, o be o bontshe phetoho ya medumo e etsahetseng. 1.2.1 Batho + ana (3) 1.2.2 Mosadi + ana (3) 1.2.3 Kulo + ana (3) 1.2.4 Leqeba + ana (3) 1.3 Ngola mantswe ana a latelang ka mongolo wa fonetiki. 1.3.1 Letsoho (2) 1.3.2 Tshohlwa (2) 1.3.3 Thunya (2) 1.3.4 Kgolo (2) 1.4 Nehelana ka mehlala E MENE ya mefuta ya dipolelo le mohlala O LE MONG mohlaleng ka mong. (8) 1.5 Sheba polelo e latelang, mme o qolle dipolelo tse e bopileng le lekopanyi le sebedisitsweng. ‘Mmuso ha o tate, etswe letsoho la mmuso le lelelele.’ (6) 1.6 Fana ka mantswe a ntseng a bolela mantswe ana a latelang ho tswa temeng. 1.6.1 Lwantshwa (2) 1.6.2 Mosadi wa hae (2) SSO1505/101/3/2025 17 1.7 Kgetha mantswe a bontshang tatolano polelong e latelang. Sekebekwa sa thunya monna mme ho utlwahala hore mosadi o ile a matha patlaka. (2) 1.8 Qolla maele a hlalosang ‘ho hlokahala’ temeng. (2) MATSWHAO KAOFELA: [50]
Reviews
There are no reviews yet.